BUKANA
YA MABITSO A DIBAKA
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa
Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji
Afrika Borwa
Fonofono:
Fekese:
Lenane la tse ka hare
Leqephe
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (LTMDAB) ke eng?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang?
Maano a tlhophiso ya mabitso ka ho latela melao e tshwanang
Ditokelo tsa botho le Molao wa Motheo wa Afrika Borwa
Kananelo ya mabitso a neng a sa amohelwa pejana
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ke mang ya ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso?
Ka moo o ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso ka teng
Ka moo tlhophiso e latelang melao e tshwanang e etswang ka teng
Ka moo o ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso la sebaka
Thuso malebana le kopo
Nako e behetsweng ho etsa kopo ya kamohelo
Mohlala wa foromo ya kopo ya kamohelo
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Ke mabitso a dibaka tseo batho ba ahileng ho tsona esita le meaho, ekasitana le mabitso a tsohle tse fumanwang tlhahong.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (LTMDAB) le hlonngwe ka ho ya ka Molao wa Afrika Borwa wa Mabitso a Dibaka, wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 118 wa 1998), mme ke mokga o nang le boikarabelo ba ho hlophisa mabitso a dibaka ka ho latela melao e tshwanang mona Afrika Borwa. Ona o thongwa ke Letona la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le thehilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, ditsebi tsa dipuo tsa mmuso le nalane ya meetlo esita le moemedi a le mong ya emetseng provense e nngwe le e nngwe le baemedi ba Bolaodi bo Phahameng ba Diphuputso le Dimmapa, Poso ya Afrika Borwa esita le Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (PANSALB).
Bongodi ba Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bo tswa ho Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Le beha maano le metheo ya ho rea mabitso a dibaka tsa Afrika Borwa.
Le hlophisa mabitso a dibaka tse ka tlasa taolo ya lona ka ho latela melao e tshwanang. Bakeng sa ho etsa hona, le hlwaya lebitso le rehwang sebaka ka seng, le mokgwa oo lebitso leo le tla ngolwa ka teng.
Le etsa dikgothaletso tse lebiswang ho Letona e le hore le etse qeto malebana le kamohelo ya mabitso ao.
Le bokella le ho ngodisa mabitso ana a dibaka esita le hona ho a tsebahatsa ka diphatlalatsi le ka inthanete
Le ikamahanya le Matjhaba a Kopaneng, Khomishene ya Moruo ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Afrika, bolaodi ba mabitso a dibaka ba ditho tsa Matjhaba a Kopaneng esita le baemedi ba dinaha tsa mose tse sebetsanang le tlhophiso ka ho latela melao e tshwanang ya mabitso a dibaka.
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Mabitso a dibaka a setjhaba a kenyelletsa hona ho latelang, empa a sa felle moo feela:
Ditoropo, metse-ditoropo le hohle moo batho ba phelang teng, diposo, diteishene, ditsela tse kgolo le matamo a mmuso.
Dibopeho tsa tlhaho, mohlala, dithaba, maralla, dinoka, diphula, dikou, dinaha tse kgolo esita le dibaka tse ikgethileng, dihlekehleke, madiboho, marokgo le metjhophoro.
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Mabitso a semolao, ke hore lebitso la naha, mabitso a diprovense le mabitso a makgotla a metse.
Dibopeho tse ka tlasa taolo ya makgotla a metse, mohlala, diterata, meaho ya masepala, diskwere, diphaka, dinqalo tsa bafu
Meaho ya praevete esita le mapolasi.
Mabitso a dibaka tse ngodisitsweng (mabitso a ditikoloho tsa dibaka tse sebedisetswang ngodiso ya beng ba thepa)
Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Diprovense di hlongwa ka ho ya ka karolo ya 2 (a) ya Molao wa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, wa 1998. Di hlongwa ke lefapha la provense le nang le boikarabelo ho tsa bonono le setso ka mora ho rerisana le Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Mesebetsi ya Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e na le boikarabelo ba ho eletsa makgotla a metse le ho sebetsa le ona bakeng sa ho etsa bonnete ba hore a sebedisa metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa mabitsong a tlasa taolo ya ona.
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e etsa dikgothaletso ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ka mabitso a dibopeho tse welang ka hara meedi ya provense. E tshwanela ho etsa mosebetsi wa ho lokisetsa ho romelwa ha mabitso ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, mme e na le boikarabelo ba ho bona hore ho rerisanwa ka tshwanelo le baahi ba sebaka le ba bang ba nang le thahasello.
Komiti ya Theo ya Mabitso a Dibaka ya Provense e hokahana le Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bakeng sa ho ntshetsa pele diphuputso le ho etsa bonnete ba hore mabitso a sa ngolwang fatshe a bokellwa.
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang?
Ho a etsahala hore batho ba sebedise lebitso le le leng bakeng sa dibaka tse fapaneng.
Mabitso a ka ba le modumo o tshwanang kapa lebitso la sebaka se seng le ka ngolwa ka mokgwa o batlileng o tshwana le wa se seng hape.
Mabitso a ka nna a ngolwa ka tsela e sa tshwaneng.
Mona Afrika Borwa, ka ha e le naha e nang le dipuo tse ngata tse sebediswang, dibaka di ka ba le mabitso a fetang bonngwe.
Hona ho ka baka pherekano le ho se be le kutlwisiso. Bakeng sa ho qoba hona, mabitso a dibaka a hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang ke bolaodi lefatsheng ka bophara.
Ho a hlokeha hore mabitso a hlophiswe ka ho latela melao e tshwanang ka lebaka la ho kgema le nalane ya naha esita le boitsebahatso ba setjhaba, thekiso le kgwebo, tsamaiso ya thepa, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, ditshebeletso tsa phedisano, saense le thekenoloji, dikgetho le palo ya batho, bohahlaudi, taolo ya dikoduwa le matsholo a ho batla le ho tshireletsa mahlatsipa, jwalo-jwalo.
Naheng ya rona esita le dinaheng tse mose, batho ba hlophisang dimmapa le mahlasedinyana a mabitso a dibaka ba thuswa ke bolaodi ba dinaha ba theo ya mabitso a dibaka hore bo ba fe mabitso a seng a hlophisitswe ka ho latela melao e tshwanang.
Maano a tlhophiso ya mabitso ka ho latela melao e tshwanang
Tlhophiso ya mabitso ka ho latela melao e tshwanang e theilwe hodima:
Melawana ya ha jwale ya ho ngola (mopeleto) ya dipuo tseo mabitso a hlahang ho tsona.
Ditabatabelo tsa baahi ba sebaka seo, ha feela hoo ho se kgahlanong le metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Nalane ya tshebebediso ya lebitso.
Tokiso, moo lebitso le fetolwang ka ho ya ka kelo hloko ya ho etsahetseng nakong e fetileng.
Diphetho tsa Matjhaba a Kopaneng mabapi le tlhophiso ya mabitso a dibaka ka ho latela melao e tshwanang.
Dintlha dife kapa dife tse ding tse tshwanetseng tse ka hlwauwang ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Ditokelo tsa Botho le Molao wa Motheo wa Afrika Borwa
Ho hlwaya lebitso la sebaka ho hloka hore ho be le tsebo e lekaneng ya nalane le puo ya sebaka seo, ho be le kgonahalo ya dikgokahano, moya wa ho ba mong le le morabe, le moya wa ho ba mong le le setjhaba.
Metheo ya theo ya mabitso a dibaka mona Afrika Borwa
Ke maano le metheo e tshwanang le eo e hlonngweng ke Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa e sebediswang mabitsong ohle a dibaka. Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Diprovense di tshwanetse ho etsa bonnete ba hore makgotla a metse a tseba ka metheo ena e le hore a tle a kgone ho e sebedisa mabitsong a diterata le dibopeho tse ding tsohle tse welang tlasa taolo ya ona.
Mabitso a seng a dumeletswe dibakeng tse itseng mona Afrika Borwa;
Mabitso a dibaka tse leng dinaheng tse ding esita le mabitso a dinaha;
Mabitso ao mongolo wa ona kapa qapodiso ya ona e batlang e tshwana le a lebitso le seng le ntse le sebediswa hoo taba ena e ka bakang pherekano;
Mabitso a nyefolang, a tlontlollang, a bontshang tlolo ya molao, a hlapanyang, a sa lokang esita le a swabisang;
Mabitso a sebediswang bakeng sa kgethollo kapa nyefolo ya morabe, mmala, bong, ditshekamelo tsa sepolotiki esita le dintlha tse ding tsa kgahisano;
Mabitso a malelele haholo kapa a kopantsweng ka tsela e fosahetseng, ke ho re, hampe feela;
Mabitso a batho mme a se na motso wa botjhaba (a jwalo ka ?park?);
Mabitso a ka nkuwang e le papatso ya sehlahiswa se itseng, mosebetsi o itseng kapa feme e itseng.
Ho rehella dibaka ka batho ba itseng
Mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokela ho qojwa, ke ho re, a se ke a sebediswa.
Dibaka tse itseng kapa dintho tse fumanwang sebakeng se itseng di lokela hore di nepane le boemo ba batho bao di reheletsweng ka bona (mohlala, e seng ntho e fokolang e rehellwe ka motho ya tsebahalang haholo, ya hlomphehang setjhabeng).
Ho lokela hore ho fumanwe tumello e ngotsweng fatshe ho tswa ho motho kapa e mong wa leloko esita le mojalefa pele lebitso leo la motho eo le ka sebediswa.
Mabitso a seng a tsejwa ka botlalo mme a sebediswa haholo a ka romelwa Lekgotleng la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa. Mabitso hape a ka romelwang ke a amohetsweng ke mokga o ka tlasa taolo ya mmuso kapa ke mmuso wa naha e ikemetseng, kapa tikoloho e neng e ipusa eo ha jwale e seng e wela tlasa Afrika Borwa.
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Mabitso a dibaka ke karolo ya nalane, lefa la setjhaba la setso le dipuo, e leng lona le hlokehang bakeng sa ho baballa ho ena le ho senya.
A mang a maikemisetso a Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke ho ?nolofatsa tsamaiso ya mosebetsi wa diphetoho bakeng sa theo ya mabitso a dibaka?.
Ho ka etswa kopo ha eba mokopi a fumana hore lebitso ha le sa kgema le maano le metheo ya Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa. Kopo e lokela ho etswa hona foromong e tshwanang le e sebediswang ha ho etswa kopo mabapi le mabitso a matjha, athe kopo ena e lokela ho tshehetswa ka mabaka a utlwahalang mme, ha eba ho kgoneha, ho be le ditokomane tse supang taba tsena.
Lebitso le ka baka pherekano hobane feela le nkile lebitso le leng teng leo batho ba bang ba ratang ho ka bona le kgutliseditswe
Dintho tse ding tse sa yeng ka tsela puong tse mabapi le mabitso di ka nna tsa se tshware batho ba bang hantle.
Lebitso le ka nna ba ha le tshware batho hantle ka baka la dikamahano tsa lona le dintho tse ding tse itseng, le ha le hlahisitswe ho se na molato sethathong.
Diphetoho tse etswang ka baka la tlhophiso ya mabitso ka ho latela melao e tshwanang
Ho ka hlokeha hore ho etswe diphetoho tsa mefuta ena e latelang:
Ha lebitso le ntseng le le teng le fuwa boemo ba semmuso, sebopeho sa lona se ka tshwanela ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang (mohlala, mopeleto o ka tshwanelwa ho ntjhafatswa).
Ho ka tshwanelwa hore ho etswe qeto mabapi le boemo ba mabitso a mang a hlahiswang.
Moo mopeleto o fapaneng wa lebitso le tshwanang le sebediswang teng bakeng sa dintho tse fapaneng (jwalo ka motes-toropo le poso, kapa noka le toropo), sebopeho seo se lokelwa ho hlophiswa ka ho latela melao e tshwanang.
Palo ya dintho tseo lebitso le itseng le sebediswang ho tsona e tshwanela ho ba le moedi
Ho tshwanelwang ho elwa hloko ha ho lekolwa botjha mabitso
Ho tshwanetswe hore ho shejwe diakhaeveng, dipaleng tse bolelwang tsa setso, le mehloding e meng.
Ha ho elwa hloko taba ya hore lebitso la sethathong le kgutlisetswe, ntlha e lokelwang ho elwa hloko moo e ka ba ya hore puo ya sethathong eo lebitso leo le neng le hlahisitswe ka lona e se e timetse, mme moo ditlhoko le bokgoni ba morabe ona wa ha jwale e tla ba tsona tsa bohlokwa haholo.
Ho ka nna ha ba boima ho hlwaya sebopeho se nepahetseng sa lebitso la sethathong hobane sebopeho sa lona sa puo ya sethathong (mohlala, dipuo tsa San le Khoi) le sa tsejwe.
Melao e meng ntle le Molao wa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa e laola mefuta e itseng ya mabitso a dibaka (ke hore lebitso la naha, mabitso a diprovense le a makgotla a metse, le mabitso a thepa e nang le beng ba yona).
Ke mang ya ka etsang kopo bakeng sa kamohelo ya lebitso?
Mafapha ohle a mmuso, mebuso ya diprovense, makgotla a metse, Poso ya Afrika Borwa, batho ba ntshetsang pele thepa esita le mokgatlo kapa motho ya ka etsang kopo.
Ka moo tlhophiso ya mabitso ka ho latela melao e tshwanang e etswang ka teng
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le amohela dikopo tsa ho amohelwa ha mabitso a dibaka tse leng ka tlasa taolo ya lona e be le etsa bonnete ba hore ho ba le ditherisano tse tshwanetseng le hore na lebitso le kgema le ditlhoko tsa Lekgotla ka hohle hohle.
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke lona le etsang qeto ya makgaola kgang ka sebopeho kapa dibopeho tsa mabitso e be le etsa kgothaletso ya ona ho Letona.
Hang ho ba lebitso le amohelwe ke Letona, lebitso leo le hlophiswa ka ho tshwana le a mang. Le tla be le se le phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.
Ka moo ho ka etswang kopo ya kamohelo ya mabitso a dibaka
Diforomo tsa dikopo di fumaneha ho Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa (Sheba mohlala wa foromo ka morao bukaneng ena).
Bakopi ba lokela ho hlokomela hore dintlha tsohle tsa bohlokwa di ngotswe ha ba tlatsa diforomo tsena tsa dikopo.
Dintlha tsa bohlokwa haholo ke tsena tse latelang:
Mabitso a dumellanang ka sebopeho ka ho latelana le bolelele (ka lenane leo). Ntlha ena ke ya bohlokwa mme e lokela hore e hle e nepahale hantle. Mabitso a dumellanang a X le Y ha a dumellwe.
Ho lokela hore ho be le mmapa wa lebatowa wa boholo ba A4.
Ho lokela hore ho bontshwe lehlakore le bohole ba ho tswa lekgotleng le haufi la makgistrata, mohlala, dikilometara tse 15 ka Borwa Botjhabela ho...
Puo e sebedisitsweng bakeng sa lebitso. Ha eba lebitso le na le dikarolo tse fapaneng puo e fetang bonngwe, mohlala: isiZulu hammoho le Senyesemane, di lokela ho tsebiswa ka bobedi.
Mabitso a lokela ho ngolwa ka ditlhaku tse kgolo le tse nyenyane, e seng ka ditlhaku tse kgolo kaofela, bakeng sa ho supa moo tlhaku e kgolo e lokelang ho sebediswa teng, mohlala:
Sethatho le moelelo wa lebitso. Dintlha tsa nalane ya lebitso, ka moo le supang sebaka se itseng ka teng, kapa ho rehella ka ho tlotla motho ya itseng di lokela ho hlaloswa ka botlalo le ka ho qaqa. Dintlha tsa dipaleng tsa setso di ka fumanwa ka ho buisana le batho, mme ho ka hokelwa ditokomane tse fumanweng diakhaeveng.
Kopo e nngwe le e nngwe e lokela ho hlalosa ka botlalo motho eo e leng yena wa sehlooho ya hlahisitseng lebitso leo.
Ho lokela hore ho hlahiswe hape lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang. Taba ya ho hlahisa lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang e ka potlakisa ditaba bakeng sa Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ha eba lebitso la pele le sa amohelwe ka lebaka le itseng (jwalo ka ho phetapheta lebitso le seng le ile la amohelwa).
O kotjwa hore o sebedise feela foromo e kgethetsweng ho etsa kopo (O se ke wa boela wa tlanya e nngwe hape).
Ditokomane tse tshehetsang tse fanang ka tsebiso mabapi le lebitso di amohelehile.
Ha o romela fekese kapa e-mail, o kotjwa hore o boele o romele hape ka poso le ditokomane tsa mantlha tse saennweng.
Thuso malebana le ho etsa kopo
Lekgotla la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le rata hore batho bohle ba leng dibakeng ba be le seabo sa ho reha mabitso. Ha eba setjhaba se hloleha ho tlatsa foromo ya kopo, se lokela ho etsa kopo ka ho sebedisa lekgotla la motes, mme e lebiswe Dikomiting tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Provense bakeng sa ho fumana thuso. Dikomiti tsa Theo ya Mabitso a Dibaka tsa Provense le tsona di ka kopa thuso Lekgotleng la Theo ya Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa, mme bona ba ka fetisetsa kopo eo ho bafuputsi ba ikgethileng.
Nako e ka nkuwang ho amohela kopo
Lekgotla le ba le dikopano tsa lona hararo ka selemo. Ka ha tieho hangata e bakwa ke ho fana ka tsebiso e sa fellang kapa e fosahetseng diforomong tsa dikopo, ka hoo bakopi ba lokela ho hlokomela hore tlhophiso ya lebitso ka ho latela melao e tshwanang e ka nka nako e telele. Ho lokela hore ho be le nako ya mamello e ka bang dikgwedi tse tharo bakeng sa ditlhophiso tsohle mme ho hlokomelwe hape hore ho tlatswe foromo ya kopo ka tshwanelo bakeng sa ho qoba tiehiso e nngwe hape.
Mohlala wa foromo ya kopo ya kamohelo ya lebitso
LEKGOTLA LA THEO YA MABITSO A DIBAKA LA AFRIKA BORWA
KOPO BAKENG SA LEBITSO LE LETJHA LA SEBAKA LE SISINTSWENG LE/KAPA HO FETOLWA HA LEBITSO LA SEBAKA LE NTSENG LE LE TENG
Lebitso le amohetsweng ke Letona: Mohla:
Ela Hloko: Sebedisa foromo e le nngwe bakeng sa sebaka ka seng se rehwang lebitso.
Lebitso le sisingwang
Kgetho ya pele
Kgetho ya bobedi
(i) Na lebitso leo le bolelang, hape le hlaha puong efe?
Na lebitso leo le tlilo fuwa sebopeho sefe? (mohlala, poso, seteishene sa diterene, toropo, lekeishene, motse-toropo, thaba, kou, lewatle, leralla, noka, phula, motjhophoro, lediboho, sehlekehleke, sebaka sa mekhukhung, motsana, jwalo-jwalo)
Na sebaka seo se Seterekeng sa Makgistrata ofe kapa Provenseng efe?
(i) Na sebopeho seo se bohole bo bokae hape se shebile ho kae ho tloha toropong/ofising ya makgistrata e haufinyane (mohlala, 15 km leboya-bophirima ho ?.)
ii Bontsha dikgutlo tse nne tsa lefatshe tse supang mahlakore, ke hore na ke ka leboya kapa borwa, botjhabela kapa bophirima. ha ho kgoneha. Kenya mmapa wa boholo ba A4.
Leboya kapa borwa:
Kgetho ya pele Kgetho ya bobedi
Na lebitso le sisingwang ke la kgale haholo dilemo tse 50 kapa ka hodimo ho moo, kapa ha se la kgale haholo dilemo tse 10 ? 50, kapa le letjha dilemo tse 5 kapa ka tlase ho moo?
Bakeng sa tshisinyo ya ho fetolwa ha lebitso, fana ka lebitso la kgale le mabaka a ho fetolwa ha lona.
Dintlha tse mabapi le mokopi
Lebitso: ??????????????????????.
Aterese: ??????????????????????.
Fekese: ??????????????????????..
Boemo ba mokopi: ???????????????????..
Boemo ba semmuso ba motho kapa mokopi, mohlala, morena wa morabe, o emetse lefapha la mmuso, Transnet, mmuso wa provense, lekgotla la motes, khampani ya praevete, sehlopha se nang le tjantjello, kapa ho hong (bolela).
Tshaeno: ??????????????????????.
Mohla: ??????????????????????.
Dintlha tse mabapi le motho le/kapa mothahaselli ya faneng ka tsebiso e mabapi le lebitso a Lebitso: ??????????????????????.
b Aterese: ??????????????????????.
Fekese: ??????????????????????..
Kananelo ya Boreneng/leKgotla la Motse
Tshaeno: ????????????????.
Mohla : ????????????????
Kananelo ya Komiti ya Theo a Mabitso a Dibaka ya Provense
Tshaeno: ???????????????.
Mohla : ????????????????
O kotjwa hore o romele foromo ena ho:
Fekese: 324 2119
